Thabiso Tsietsi Bafana Lakajoe ke mongodi wa dithothokiso le tse ding tsa dingolwa tsa Sesotho. Lakajoe ke mongodi ya lwanelang ditokelo tsa puo ya letswele hore le yona e tshwane hape e hlokomelwe jwaloka puo tse ding. Maqephe Buleha ke buka ya hae ya pele ya dithothokiso tsa Sesotho. O ngola ka Sesotho ho kgothatsa hape le ho kgothalletsa bangodi ba dingolwa tsa Sesotho le puo tse ding tse fumanwang Afrika Borwa hore ba phahamise puo tsa bona tsa letswele. Tse ding tsa dithothokiso tsa hae di phatlaladitswe ho ITCH Journal, Botsotso Online Magazine, Poetry Potion, 2018 AvBob Poetry Competition, Love letters to My Child, 2015, 2016, 2017 & 2018 Sol Platjie EU Poetry Anthology.